Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Joshua a re ho setjhaba kaofela: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: mehleng ya boholo-holo, bontata lona ba ne ba ahile mose wane ho noka, e le Tera, ntata Abrahama le Nakore; ba ne ba sebeletsa medimo esele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Joshua a re ho setjhaba sohle: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ya kgalekgale, bo-ntata lona, e leng Tera, ntata Aborahama, le ntata Nakore, ba ne ba ahile mose wane ho Noka, mme ba sebeletsa medimo e meng.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:2
16 Referencias Cruzadas  

Seruge a phela dilemo tse mashome a mararo, a tswala Nakore;


Nakore a phela dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong, a tswala Tera;


Tera a phela dilemo tse mashome a supileng, mme a tswala Abrame, Nakore le Harane.


Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.


Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.


Empa, leha ho tsamayeng o tsamaile ka baka la hobane o hlolohetswe ntlo ya ntatao ka ho fetisisa, na o utsweditseng medimo ya ka na?


Empa eo o fumanang medimo ya hao ho yena, a se ke a phela! Pontsheng ya banababo rona, batla ntho ya hao ho nna, mme o e nke. Kanthe Jakobo ha a tsebe hobane Ragele o e utswitse.


Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Nakore, Modimo wa bontata bona o re ahlolele. Yaba le Jakobo o hlapanya ka ya tshajwang ke Isaaka, ntatae.


Yaba ba nea Jakobo medimo yohle esele e diatleng tsa bona, le masale a ditsebeng tsa bona; Jakobo a di epela tlasa sefate sa eike se pela Sikeme.


Abrame, e leng yena Abrahama.


Lebisang mahlo ho Abrahama ntata lona, le ho Sara ya le tswetseng; hobane ke mmitsitse ha a le nnotshi, ka mo hlohonolofatsa, ka mo atisa.


Ere: Morena Jehova o re ho Jerusalema: O hlahile, mme o tswaletswe naheng ya Kanana; ntatao e ne e le Moamore, mmao e le Mohethe.


wa Jakobo, wa Isaaka, wa Abrahama, wa Thera, wa Nakore,


Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos