Joshua 23:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)
Bonang, kajeno ke ya ka tsela ya lefatshe lohle. Le a itsebela pelong tsa lona bohle le meyeng ya lona bohle hobane ha ho ntho leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle di etsahetse ho lona, ha ho e nngwe ya tsona e hlokahetseng.
Ver Capítulo
“Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.
Ver Capítulo