Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 23:14 - BIBELE

14 “Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bonang, kajeno ke ya ka tsela ya lefatshe lohle. Le a itsebela pelong tsa lona bohle le meyeng ya lona bohle hobane ha ho ntho leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle di etsahetse ho lona, ha ho e nngwe ya tsona e hlokahetseng.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 23:14
16 Referencias Cruzadas  

Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta.


“Ke se ke ikela boyabatho. Eba sebete, o tshware senna.


“Ho bokwe Morena, ya neileng setjhaba sa hae sa Iseraele phomolo, jwalokaha a ne a tshepise. Ha ho tshepiso le e nngwe ya ditshepiso tseo a neng a di etse ka Moshe, mohlanka wa hae, e sa phethahalang.


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.


Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos