Joshua 23:15 - BIBELE15 Jwalokaha dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a neng a le tshepisitse tsona, di ile tsa phethahala, ka mokgwa o jwalo Morena o tla le tlisetsa tsohle tse mpe, ho fihlela a le timetsa naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)15 Ka baka lena, jwalokaha ntho tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a neng a le baletse tsona, di le hlahetse, ka mokgwa o jwalo, Jehova o tla le hlahisetsa le ntho tsohle tse mpe, a be a le timetse lefatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le fileng lona. Ver Capítulo |
“Bonang, ho se ho hahilwe marako a etsetsang motse ona thibella, hore o tle o haptjwe. Ho se ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya ba o futuhetseng, mme ka baka la sabole sekoboto le lefu la sewa, o tla wela matsohong a bona. Seo o ileng wa se bolela se phethahetse, mme le wena o a se bona.
“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Bonang mona, ke tla dihela morabe wa Juda le baahi bohle ba Jerusalema koduwa eo ke ba boleletseng hore ke tla e dihela hodima bona, hobane ke buile le bona, empa ha ba a ka ba mamela; ke ba bitsitse, empa ha ba a ka ba arabela.’ ”