Joshua 22:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba moprista Finease, le dikgosana tsa phutheho, le dihlooho tsa dikete tsa Iseraele tse neng di na le yena, ha ba utlwa taba tse bolelwang ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba Manasse, ba kgolwa. BIBELE Yare ha bo-moprista Finease, le mahosana a setjhaba, le dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba utlwa mantswe a builweng ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba karolo e nngwe ya Manase, ba kgotsofala. |
Yare ha ba utlwa taba tseo, ba lesa ho belaela; mme ba tlotlisa Modimo ka ho re: Efela Modimo o neile le baditjhaba pako, hore ba bone bophelo.
Ho se ke ha bolelwa hore re ka fetohela Jehova, le ho furalla Jehova kajeno ka ho haha aletare ya ditjheso, le ya dinyehelo, le ya mahlabelo, esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona, e pela tabernakele ya hae!
Finease, mora moprista Eleasare, a re ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho bana ba Manasse: Kajeno re lemohile hobane Jehova o hara rona, hobane ha le a ka la sitelwa Jehova ka tshito eo; le lokolotse bana ba Iseraele jwale matsohong a Jehova.
Taba ena ya kgodisa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba rorisa Modimo, mme ha ba ka ba hlola ba bolela hore ba ka ya ba lwantsha le ho senya lefatshe leo bana ba Rubene le bana ba Gade ba ahileng ho lona.
Modimo o neetse marena a mabedi a Midiane, Orebe le Seebe matsohong a lona; mme nna, ke entse mosebetsi ofe o ka bapiswang le wa lona na? Eitse hobane a ba buise jwalo, bohale ba bona ba kokobela.
Ebile Akishe o bitsa Davida, a re ho yena: Ka Jehova ya utlwang, o bile motho ya lokileng; ke rata ha ke o bona o kena le ho tswa le nna diahelong, hobane ha ke eso ho fihlele molato ho wena, haesale o etla ho nna, ho fihlela la kajeno; empa marena ha a o rate.