Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ho se ke ha bolelwa hore re ka fetohela Jehova, le ho furalla Jehova kajeno ka ho haha aletare ya ditjheso, le ya dinyehelo, le ya mahlabelo, esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona, e pela tabernakele ya hae!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 “ ‘Re thoko haholo le ho fetohela Morena, lehore kajeno re mo furalle, re se ke ra mo latela ka ho haha aletare eo ho yona ho etsetswang nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, kapa ya sehlabelo, e le e kathoko ho aletare ya Morena Modimo wa rona, e kapele ho Tente ya hae.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:29
16 Referencias Cruzadas  

Yaba o re: Nke ke ka ba ka etsa taba eo! Motho eo senwelo se fumanweng ho yena, ke yena ya tlang ho ba lekgoba la ka, empa lona, ikeleng ka kgotso ho ntata lona.


Ba re ho yena: We! ke ka baka lang ha morena a bua taba tse jwalo? Ekaba ke sehloho se jwang ha rona bahlanka ba hao re ka etsa jwalo!


Nabothe a re ho Akabe: Ka Jehova, ha nka ke ka o nea lefa la bontate.


Leha le re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena feela e Jerusalema?


Na hase yena Esekiase eo, ya fedisitseng dinqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae na? Na ha a ka a laela Bajuda le ba Jerusalema, a re: Le tla kgumama pela aletare e le nngwe, le tjhese dibano ho yona?


(Ke bolela ka mokgwa wa batho.) Ho se ke ha thualo! Hobane hojane ho le jwalo, na Modimo o bo o tla ahlola lefatshe jwang?


Ho se ke ha eba jwalo. Ana rona re shweleng ka nqa ya sebe, re ka nna ra phelela jwang ho sona?


Jwale, re tla reng? Hleka bokgopo bo teng ho Modimo na? Ho se ke ha thualo!


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


Ha re ikgahetse aletare, jwaloka eka re ya furalla Jehova leha e le ho hlaba ditjheso le dinyehelo hodima yona, leha e le ho hlaba mahlabelo a teboho hodima yona Jehova e be yena ya batlang taba ena ho rona!


Ke moo re itseng: A re itokiseng, re ikgahele aletare, e seng ya ditjheso, leha e le ya mahlabelo;


Ra re: Ha ekaba mehleng e tlang ba ka rialo ho rona le ho ditloholo tsa rona, re tla re: Bonang mohaho wa aletare ya Jehova eo bontata rona ba e entseng, e seng ya ditjheso, leha e le ya mahlabelo, e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona.


Yaba moprista Finease, le dikgosana tsa phutheho, le dihlooho tsa dikete tsa Iseraele tse neng di na le yena, ha ba utlwa taba tse bolelwang ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba Manasse, ba kgolwa.


Ebile setjhaba se fetola, sa re: Ha re ka ke ra furalla Jehova, ra ya sebeletsa medimo esele,


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos