Joshua 22:29 - BIBELE29 “ ‘Re thoko haholo le ho fetohela Morena, lehore kajeno re mo furalle, re se ke ra mo latela ka ho haha aletare eo ho yona ho etsetswang nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, kapa ya sehlabelo, e le e kathoko ho aletare ya Morena Modimo wa rona, e kapele ho Tente ya hae.’ ” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)29 Ho se ke ha bolelwa hore re ka fetohela Jehova, le ho furalla Jehova kajeno ka ho haha aletare ya ditjheso, le ya dinyehelo, le ya mahlabelo, esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona, e pela tabernakele ya hae! Ver Capítulo |
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.
“ ‘Ka baka leo, re ile ra re etlare ka nako e tlang, ha ba bua jwalo ho rona kapa ho bana ba rona, ebe re re: “Bonang moaho ona wa aletare ya Morena, e tshwanang le eo bo-ntata rona ba e hahileng, ba sa e hahe e le e etsetsang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo, e mpa e le paki e pakeng tsa rona le lona.”