Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:28 - BIBELE

28 “ ‘Ka baka leo, re ile ra re etlare ka nako e tlang, ha ba bua jwalo ho rona kapa ho bana ba rona, ebe re re: “Bonang moaho ona wa aletare ya Morena, e tshwanang le eo bo-ntata rona ba e hahileng, ba sa e hahe e le e etsetsang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo, e mpa e le paki e pakeng tsa rona le lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ra re: Ha ekaba mehleng e tlang ba ka rialo ho rona le ho ditloholo tsa rona, re tla re: Bonang mohaho wa aletare ya Jehova eo bontata rona ba e entseng, e seng ya ditjheso, leha e le ya mahlabelo, e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:28
9 Referencias Cruzadas  

Labane a re: “Qubu ena ke paki pakeng tsa rona le wena kajeno.” Ka lebaka leo a e bitsa Galede,


Kgosi Akase a ya Damaseka ho ya kopana le Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria. Ha a le moo, a bona aletare. Kgosi ya romella setshwantsho sa aletare eo, le diqaqiso tsa yona ho moprista Uriya.


Hlokomela, o di etse ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.”


Mohla tsatsi leo, kahara naha ya Egepeta ho tla ba le aletare ya Morena, mme moeding wa yona ho be le sefika sa Morena.


Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.”


empa e be paki e pakeng tsa rona le lona, le pakeng tsa ditloholo tsa rona, hore le rona re tla etsetsa Morena tshebeletso moo a leng teng, ka dinyehelo tsa rona tsa setjheso, le ka mahlabelo a rona, le ka dinyehelo tsa rona tsa teboho; esere ka nako e tlang bana ba lona ba re ho bana ba rona: “Ha le na kabelo ya letho ho Morena!”


“ ‘Re thoko haholo le ho fetohela Morena, lehore kajeno re mo furalle, re se ke ra mo latela ka ho haha aletare eo ho yona ho etsetswang nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, kapa ya sehlabelo, e le e kathoko ho aletare ya Morena Modimo wa rona, e kapele ho Tente ya hae.’ ”


Yaba Joshua o re ho setjhaba sohle: “Bonang, lejwe lena e tla ba paki e tla re tswa, hobane le utlwile dipolelo tsohle tsa Morena, tseo a di buileng ho rona. Ka baka leo, ke paki e tla le tswa, haeba le ka latola Modimo wa lona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos