Joshua 22:27 - BIBELE27 empa e be paki e pakeng tsa rona le lona, le pakeng tsa ditloholo tsa rona, hore le rona re tla etsetsa Morena tshebeletso moo a leng teng, ka dinyehelo tsa rona tsa setjheso, le ka mahlabelo a rona, le ka dinyehelo tsa rona tsa teboho; esere ka nako e tlang bana ba lona ba re ho bana ba rona: “Ha le na kabelo ya letho ho Morena!” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)27 e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona le ditloholo tsa rona tse re hlahlamang, ba hore re na le tokelo ya ho etsa tshebeletso ya Jehova pela hae ka ditjheso tsa rona, le ka mahlabelo a rona a dipheko, le ka mahlabelo a rona a teboho; mehleng e tlang, bana ba lona ba tle ba se ke ba re ho bana ba rona: Ha le na kabelo ho Jehova. Ver Capítulo |
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.
“ ‘Ka baka leo, re ile ra re etlare ka nako e tlang, ha ba bua jwalo ho rona kapa ho bana ba rona, ebe re re: “Bonang moaho ona wa aletare ya Morena, e tshwanang le eo bo-ntata rona ba e hahileng, ba sa e hahe e le e etsetsang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo, e mpa e le paki e pakeng tsa rona le lona.”