Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baahlodi 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Modimo o neetse marena a mabedi a Midiane, Orebe le Seebe matsohong a lona; mme nna, ke entse mosebetsi ofe o ka bapiswang le wa lona na? Eitse hobane a ba buise jwalo, bohale ba bona ba kokobela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Modimo o neelane ka mahosana a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe, matsohong a lona. Nna ke entse eng e ka bapiswang le seo le se entseng?” Hoba a bue tjena, kgalefo ya bona ya kokobela.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 8:3
15 Referencias Cruzadas  

Kganya ya hao, Jehova, se e nee rona; se e nee rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao!


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.


Ya diehang ho halefa o fetisa mohale; ya hlolang pelo ya hae o fetisa ya hapang metse.


Polelo e builweng ka motsotso o tshwanelehang, e jwaloka diapole tsa kgauta pitsaneng ya silefera.


Morena o hlolwa ka sebete, mme leleme le bonolo le roba masapo.


Hobane ke moo ho netahalang polelo ena e reng: E mong o a jala, mme e mong o a kotula.


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.


Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;


Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.


A re ho bona: Homme mosebetsi ke entse ofe o ka bapiswang le wa lona na? Ha ke re, ho kgwahlapisa ha Efraime ho fetisa kotulo ya merara ya Abiesere na?


Gideone ha a fihla Jordane, a e tshela a ena le banna ba makgolo a mararo bao a nang le bona, ba se ba kgathetse, ba mpa ba ntse ba phallela Bamidiane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos