Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 29:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ebile Akishe o bitsa Davida, a re ho yena: Ka Jehova ya utlwang, o bile motho ya lokileng; ke rata ha ke o bona o kena le ho tswa le nna diahelong, hobane ha ke eso ho fihlele molato ho wena, haesale o etla ho nna, ho fihlela la kajeno; empa marena ha a o rate.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Jwale Akishe a bitsa Davida, mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o tshepahetse ho nna. O ile wa nkgahla ha re ntse re futuha le wena ka mabotho. Ho tloha mohla o fihlang mona ho nna, ho fihlela kajeno, ha ke eso fumane bobe ba letho ho wena. Leha ho le jwalo, mahosana ha a o amohele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 29:6
19 Referencias Cruzadas  

Abrame a re ho Sarai: Bona, lekgabunyane la hao ke lena, le diatleng tsa hao, o le etse kamoo o ratang kateng. Yaba Sarai o a le hlorisa, la ba la mo balehela.


O a mo tseba Abnere, mora Nere; o tlile ho o thetsa feela, le ho tseba ho tswa ha hao le ho kena ha hao, le ho tseba tsohle tse etswang ke wena.


Empa ke tseba ho dula ha hao, le ho tswa ha hao, le ho kena ha hao, le kamoo o nthorelang kateng.


Leha o ka tloha, leha o ka kgutla, Jehova o tla o baballa, jwale le ho isa ho sa feleng.


Empa ke tseba ho dula ha hao, le ho tswa ha hao, le ho kena ha hao, le kamoo o nthorelang kateng.


hore e mong le e mong ya ratang ho hlohonolofatswa lefatsheng, a rate ho hlohonolofatswa ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng a ane ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng, a ane ka Modimo wa nnete, hobane ditsietsi tsa pele di tla lebalwa, di patwe mahlong a ka.


Ekare ha ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, hore ba tle ba ane ka lebitso la ka, ba re: Ka Jehova ya phelang, kamoo ba rutileng setjhaba sa ka kateng ho ana ka Baale, ke tla ba ahisa hara setjhaba sa ka.


ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.


Yaba moprista Finease, le dikgosana tsa phutheho, le dihlooho tsa dikete tsa Iseraele tse neng di na le yena, ha ba utlwa taba tse bolelwang ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba Manasse, ba kgolwa.


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Le be le letswalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, jwaloka hoja le le disenyi, bona bao ba sebang metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


Saule a mo hlapanyetsa ka Jehova, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho kotsi e tla o hlahela bakeng sa taba ena.


Marena a Bafilesta a mpa a re: Baheberu bao ba etsang moo? Akishe a re ho marena a Bafilesta: Na eo hase Davida, mohlanka wa Saule, morena wa Iseraele, ya nnileng a dula le nna, e se e le ditshiu tse itseng le lemo tse itseng, eo ke esong ho fihlele molato ho yena, haesale a kwenehela ho nna, ho fihlela la kajeno?


Ha ho le jwalo, kgutla, o ikele ka kgotso, o tle o se ke wa halefisa marena a Bafilesta.


Yaba ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Re tla etsang ka areka ya Modimo wa Iseraele? A araba, a re: Areka ya Modimo wa Iseraele a e ke e iswe Gathe. Mme areka ya Modimo wa Iseraele ya iswa teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos