hape, lelokong la Nefthali ba newa Kedeshe wa Galelea le mathoko a teng, le Hammone le mathoko a teng, le Kiryathaime le mathoko a teng.
Joshua 21:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lelokong la Nefthali, Kedeshe wa Galelea le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Hammothe-Dore le meraka ya wona, le Karthane le meraka ya wona: metse e meraro. BIBELE Naheng ya morabe wa Nafthali ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Kedeshe e Galelea, le makgulo a yona, le Hamote-Dore le makgulo a yona, le Karatane le makgulo a yona. Ya eba metse e meraro. |
hape, lelokong la Nefthali ba newa Kedeshe wa Galelea le mathoko a teng, le Hammone le mathoko a teng, le Kiryathaime le mathoko a teng.
Yaba ba khetha Kedeshe wa Galelea, thabeng ya Nefthali, le Sikeme, thabeng ya Efraime, le Kiryath-Arba, e leng Hebrone, thabeng ya Juda.
Metse yohle ya Bagershone ka matlo a bona ke metse e leshome le metso e meraro le meraka ya yona.
Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.