Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 20:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba ba khetha Kedeshe wa Galelea, thabeng ya Nefthali, le Sikeme, thabeng ya Efraime, le Kiryath-Arba, e leng Hebrone, thabeng ya Juda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 20:7
22 Referencias Cruzadas  

Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.


Kamora tseo, Roboame a ya Sikeme, hobane Baiseraele bohle ba ne ba bokanetse Sikeme ho mmea morena.


hape, lelokong la Nefthali ba newa Kedeshe wa Galelea le mathoko a teng, le Hammone le mathoko a teng, le Kiryathaime le mathoko a teng.


Yaba Roboame o ya Sikeme, hobane Baiseraele bohle ba ne ba ile Sikeme ho mmea morena.


Metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tla ba metse e tsheletseng ya setshabelo, moo mmolai a ka balehelang teng, le be le eketse ka metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.


Matsatsing wona ao, Maria a tloha, a phakisa a ya maloting, motseng o mong wa Juda.


ha efela wena o boloka ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, o rata Jehova, Modimo wa hao, mme o tsamaya kamehla tseleng tsa hae, o tla eketsa metse eo e meraro ka metse e meng e meraro,


Yaba Moshe o kgetha metse e meraro mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi;


e mong hape, ke morena wa Kedeshe, e mong hape, ke morena wa Jokneame, wa Karmele;


Pele lebitso la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba; Arba yena e be e le motho e molelele ho feta Baanake kaofela. Mme lefatshe la phomola ntwa e le siyo.


Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.


Hape, metse e marako ke Tsiddime, Tsere, Hammathe, Rakkathe, le Kinnerethe;


Adama, Rama, Hatsore;


Kedeshe, Edrei, le Ene-Hatsore;


Mose wane wa Jordane, nqa botjhabela ho Jeriko, ba bea Betsere, lefeelleng la lehwatata, lelokong la Rubene; le Ramothe-Gileade, lelokong la Gade; le Golane, naheng ya Bashane, la Manasse.


ba newa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, dithabeng tsa Juda, le meraka ya wona e o teetseng hare; Arba e ne e le ntata Anake.


Bana ba moprista Aarone ba newa Hebrone le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai; le Libna le meraka ya wona;


Ba newa Sikeme le meraka ya wona, thabeng ya Efraime, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Gesere le meraka ya wona,


Lelokong la Nefthali, Kedeshe wa Galelea le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Hammothe-Dore le meraka ya wona, le Karthane le meraka ya wona: metse e meraro.


Ebile Joshua o phuthela meloko yohle ya Iseraele Sikeme, a bitsa le baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona. Ba itlhahisa pela Modimo.


Abimeleke, mora Jerubbaale, a ya Sikeme ho bomalomae, mme a bua le bona, a bua hape le bohle ba ntlo ya ntata mmae, a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos