Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.
Joshua 21:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba newa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, dithabeng tsa Juda, le meraka ya wona e o teetseng hare; Arba e ne e le ntata Anake. BIBELE Ba ba nea Motse wa Areba o naheng e maralla ya Juda, e leng Heborone, le makgulo a yona a e potapotileng. Areba e ne e le ntata Anake. |
Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.
Jakobo a fihla ho Isaaka, ntatae, Mamre, motseng wa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, moo boAbrahama le Isaaka ba kileng ba ahella teng.
Eitse hobane ho fete dilemo tse nne, Absalome a re ho morena: A nke ke ye Hebrone, ke lefe kano eo ke e anetseng Jehova.
Pele lebitso la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba; Arba yena e be e le motho e molelele ho feta Baanake kaofela. Mme lefatshe la phomola ntwa e le siyo.
Humta, Kiryath-Arba, e leng Hebrone, le Tsiore: ke metse e robileng mono o le mong le metsana ya yona.
Bana ba Aarone bao e leng ba matlo a Bakehathe, bana ba Levi, ha ba kile ba laolelwa pele,
Empa masimo a metse le metsana ya yona ba e nea Kalebe, mora Jefunne, ho ba leruo la hae.
Hape, ba Juda ba futuhela Bakanana ba ahileng Hebrone (bitso la pele la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba), mme ba hlola metse ya Sheshai, le Akimane, le Talmai.