Mme jwale, ha ekaba le fela le rata ho etsetsa mong a ka ka lerato le ka botshepehi, mpolelleng; kapa ho seng jwalo, le teng le mpolelle, ke tle ke tsebe ho leba ho le letona, kapa ho le letshehadi.
Joshua 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Banna bao ba re ho yena: Ho phela ha rona, ho ke ho neelwe lefu bakeng sa lona! Ha le sa hlahise taba ena ya rona, etlare ha Jehova a se a re neile lefatshe, ruri re tla o etsa ka botle le ka nnete. BIBELE Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.” |
Mme jwale, ha ekaba le fela le rata ho etsetsa mong a ka ka lerato le ka botshepehi, mpolelleng; kapa ho seng jwalo, le teng le mpolelle, ke tle ke tsebe ho leba ho le letona, kapa ho le letshehadi.
Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,
Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse.
Jehova a le etse jwalo ka mohau le ka nnete; le nna ke tla le etsetsa molemo, kahobane le entse hoo.
Jwale Davida a re: Na ha ho sa le le a mong ya siilweng wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau ka baka la Jonathane na?
Ha morena a feta, a hoeletsa ho morena, a re: ke le mohlanka wa hao, ke be ke ile ntweng, mme ka bona motho a kgeloha, a tlisa motho ho nna, a re: Boloka motho enwa; ha a ka thoba, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, kapa o lefe ka talenta ya silefera.
Motho ya nang le metswalle e mengata ho yena ke tshenyehelo, empa mohlomong motswalle e mong o a kgomarele motho ho fetisa ngwanabo motho.
Yaba molaodi wa sekete o kgutlisa mohlankana eo, a mo laela, a re: O se ke wa ba wa bolella motho hoba o ntsebisitse taba tseo.
ya hore le tla pholosa ntate, le mme, le banabeso, le dikgaitsedi, le tsohle tsa bona, le namolele ho phela ha rona lefung.
Ebile o ba theosetsa ka fensetere, ka mohala, hobane ntlo ya hae e be e le hodima lerako la motse; o ne a ahile hodima lerako.
Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.
Joshua a bolella banna ba babedi ba neng ba ile ho hlwela lefatshe, a re: Kenang tlung ya mosadi eo wa sehlola, le ntshe teng mosadi eo, le tsohle tsa hae, jwalokaha le mo anetse.
Joshua a pholosa Rahaba wa sehlola, le ntlo ya ntatae, le tsohle tseo e neng e le tsa hae; mme a tla, a aha Iseraeleng ho fihlela kajeno, kahobane o ne a pate manqosa a romilweng ke Joshua ho hlwela Jeriko.
O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?