Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale Davida a re: Na ha ho sa le le a mong ya siilweng wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau ka baka la Jonathane na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Davida a botsa, a re: “Na ho sa na le e mong ya setseng wa ntlo ya Saule, eo nka mo etsetsang molemo ka baka la Jonathane?”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 9:1
15 Referencias Cruzadas  

Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngwaneso: o ne o kgahleha ho nna; lerato la hao ho nna e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basadi!


Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.


Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.


Haele bana ba Barsillai wa Gileade, o ba etsetse ka lereko, ba dule le ba jang tafoleng ya hao; hobane ba tlile ho nna ka lereko, mohla ke balehelang ngwaneno Absalome.


O se ke wa furalla motswalle wa hao, leha e le motswalle wa ntatao; mme o lese ho ya ha ngwaneno mohla o leng tsietsing. Eo le ahisaneng hammoho le yena o feta ngwaneno ya leng hole.


E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


E mong le e mong ya le nosang mohope wa metsi ka lebitso la ka, kahobane le le ba Kreste, kannete ke re ho lona: Ha a ka ke a timellwa ke moputso wa hae.


Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;


Jonathane a re ho Davida: eya ka kgotso; re hlapantse ba babedi ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le wena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos