Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bana ba Davida bona e ne e le matona a morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:18
18 Referencias Cruzadas  

Haele bahlanka ba hae, ba tsamaya kamathoko ho yena; Bakerethe le Bapelethe bohle, le bohle ba Gathe, e leng batho ba makgolo a tsheletseng, ba tlileng le yena ha a tloha Gathe, ba etella morena pele.


Ha ho le jwalo, Joabe ya nna ya eba molaodi wa makgotla wohle a Iseraele: Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe;


Ira wa Jaire e ne e le tona ya Davida.


Ha ho le jwalo, banna ba Joabe ba ya le yena, hammoho le Bakerethe le Bapelethe, le bahale bohle, ba tloha Jerusalema ho phallela Sheba, mora Bikri.


Jwale, moprista Tsadoke ba theoha le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba kallisa Salomone esele ya morena Davida, ba mo isa Gihone.


morena o romile le yena moprista Tsadoke, le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba mo kallisitse esele ya morena.


Empa moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le moporofeta Nathane, le Shemei, le Rei, le bahlabani ba Davida, ha ba ka ba emela Adonija.


Yaba morena Salomone o roma Benaia, mora Jehojada; eo a mmolaya, mme a shwa.


le Benaia, mora Jehojada, molaodi wa makgotla; le baprista Tsadoke le Abiathare;


le Asaria, mora Nathane, modisa wa matona a mang; le Sabude, mora moprista Nathane, sephatho sa morena;


Ka selemo sa bosupa, Jehojada a romela, a lata balaodi ba makgolo le matona le bahlabani, a ba biletsa ka tlung ya Jehova; a hlaba selekane le bona, a ba hlapantsha ka tlung ya Jehova, a ntoo ba bontsha mora morena.


E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora monna wa senatla wa Kabsteele, ya neng a entse diketso tse kgolo. A bolaya tau tse pedi tsa Moabe; hape, ke yena ya neng a theohe, a ya bolaya tau ka lemeneng, e le mohla lehlwa le kgethehang.


Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bara ba Davida bona e ne e le ba kapele ho ba bang pela morena.


ka baka leo, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla otlollela Bafilesta letsoho la ka, ke kgaole Bakerethe, ke timetse ba setseng pela lebopo la lewatle.


Ho madimabe ba ahileng naheng e bapaneng le lewatle, setjhaba sa Bakerethe! Lentswe la Jehova le teng hodima hao, Kanana, lefatshe la Bafilesta; ke tla o timeletsa, o be o hloke le ya ka ahang ha hao!


Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos