Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 24:49 - Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Mme jwale, ha ekaba le fela le rata ho etsetsa mong a ka ka lerato le ka botshepehi, mpolelleng; kapa ho seng jwalo, le teng le mpolelle, ke tle ke tsebe ho leba ho le letona, kapa ho le letshehadi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

49 “Jwale, ha le rata ho bontsha mohau le botshepehi ho monga ka, mpolelleng. Le teng haeba ho se jwalo, mpolelleng, e le hore ke tle ke tsebe ho thinyetsa ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:49
6 Referencias Cruzadas  

ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.


Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,


Molemo le nnete di se ke tsa kgaohana le wena, o ithwalle tsona molaleng wa hao, o di ngole letlapeng la pelo ya hao;


O re dumelle ho feta ka naha ya hao; re ke ke ra tsamaya hara masimo, leha e le hara merara, mme re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re sa kgelohele ho le letona, kapa ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.


A nke ke fete ka naha ya hao. Ke tla tsamaya ka tsela a bohle feela, ke sa fapohe ho ya ka letsoho le letona, leha e le ka ho le letshehadi.


Banna bao ba re ho yena: Ho phela ha rona, ho ke ho neelwe lefu bakeng sa lona! Ha le sa hlahise taba ena ya rona, etlare ha Jehova a se a re neile lefatshe, ruri re tla o etsa ka botle le ka nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos