Joshua 19:40 - Sesotho 1909/1961 (SO) Karolo ya bosupa ya laolelwa leloko la bana ba Dane, ka matlo a bona. BIBELE Lotho la bosupa la tswa e le la bana ba morabe wa Dane, ho ya ka malapa abo bona. |
Mabitso a meloko ke ana: Ho tloha pheletsong e ka nqa leboya ho isa pela tsela ya Hethlone, ho ya nqa Hamathe, le ho tloha Hatsare-Enone, moeding wa Damaseka ka nqa leboya ho ya fihla pela Hamathe, le ho nka botjhabela ho leba bophirimela, ke naha ya Dane.
Empa lefatshe le tla arolwa ka lotho; ba tla le newa ka mabitso a meloko ya bontata bona.
Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.
Ke leo lefa la leloko la bana ba Nefthali ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Mohlang oo, ba leloko la Dane ba ne ba ipatlela naha ya lefa eo ba ka ahang ho yona, hobane ba ne ba eso ho bone lefa la bona melokong ya Iseraele ho fihlela tsatsi leo.