Amatsia a mpa a se ke a mamela. Ebile Joase, morena wa Iseraele, o tswela ho yena, mme ba bonana difahleho le Amatsia, morena wa Juda, Bethe-Shemeshe wa Juda.
Joshua 19:38 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jireone, Migdale-Ele, Horeme, Bethe-Anathe, le Bethe-Shemeshe: ke metse e leshome le metso e robileng mono o le mong le metsana ya yona. BIBELE le Jirone, le Migedale-Ele, le Horeme, le Bete-Anate, le Bete-Shemeshe. E ne e le metse e leshome le metso e robong, le metsana ya yona. |
Amatsia a mpa a se ke a mamela. Ebile Joase, morena wa Iseraele, o tswela ho yena, mme ba bonana difahleho le Amatsia, morena wa Juda, Bethe-Shemeshe wa Juda.
Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna.
Moedi o ntoo fihla Thabore, le Shakatsima, le Bethe-Shemeshe; hape moedi wa bona o ya fella Jordane: ke metse e leshome le metso e tsheletseng le metsana ya yona.
Ke leo lefa la leloko la bana ba Nefthali ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
Nefthali yena ha a ka a leleka ba ahileng Bethe-Shemeshe, leha e le ba ahileng Bethe-Anathe; a nna a aha le Bakanana ba ahileng naheng eo; ba ahileng Bethe-Shemeshe le Bethe-Anathe ba mpa ba mo ntshetsa lekgetho.