La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 19:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

le Allammeleke, le Ameade, le Misheale; nqa bophirimela o ya fihla Karmele le Shikore-Libnathe.

Ver Capítulo

BIBELE

le Alameleke, le Amade, le Mishale. Ka bophirimela o ne o fihla Karamele le Shihore-Lebenate.

Ver Capítulo



Joshua 19:26
15 Referencias Cruzadas  

Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.


Ebile Akabe o romela ho bana bohle ba Iseraele, a bokella le baporofeta thabeng ya Karmele.


Akabe a nyoloha ho ja le ho nwa, Elia yena a hlwella hodima Karmele; a inama fatshe, a bea sefahleho sa hae pakeng tsa mangole a hae.


Jwale, a tloha teng, a ya thabeng ya Karmele, a ntoo boela Samaria.


Lelokong la Asere, ba newa Mashale ka mathoko a teng, le Abdone ka mathoko a teng,


hlooho ya hao e phahamile, e tshwana le Karmele, mme thitsane ya hao eka purepera ya borena mahareng a letlowanyana le e tlamileng.


Naha e bofifing, e swabile; Lebanone o swabile, o omeletse; Sharone o tshwana le lefeella, Bashane le Karmele ba foforeha mahlaku.


A tla mela dipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole difela tsa hlolo; a tla fuwa kganya ya Lebanone le menono ya Karmele le ya Sharone; batho ba tla bona kganya ya Jehova le boholo ba Modimo wa rona.


O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.


Maone, Karmele, Sife, Juta;


Moedi wa bona ke Helkathe, le Hali, le Bethene, le Aksafe;


Nqa botjhabatsatsi, o pota Bethe-Dagone, o fihla Sabulone, le sekgutlong sa Jiftha-Ele, nqa leboya ho Bethe-Emeke, le Nejele; o ntoo fetela Kabule ka ho le letshehadi;


Lelokong la Asere, Mishaeale le meraka ya wona, Abdone le meraka ya wona.


Samuele a tsohela hosasa ho ya kopana le Saule; Samuele a tsebiswa, ha thwe: Saule o ile Karmele; bona, o ikemiseditse seemahale sa kgopotso, a ntoo tloha, a feta, a theohela Gilgale.