Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 19:26 - BIBELE

26 le Alameleke, le Amade, le Mishale. Ka bophirimela o ne o fihla Karamele le Shihore-Lebenate.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 le Allammeleke, le Ameade, le Misheale; nqa bophirimela o ya fihla Karmele le Shikore-Libnathe.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 19:26
15 Referencias Cruzadas  

Kahoo, mane thabeng ya Karamele, mmemele pitso ya Baiseraele bohle, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane le mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashera ba makgolo a mane, ba feptjwang ke Jesabele.”


Yaba Akabe o mema bana bohle ba Iseraele, o bokella le baporofeta ba Baale thabeng ya Karamele.


Akabe a tsamaya ho ya ja le ho nwa. Elia yena a nyolohela tlhorong ya Karamele, a fihla a putlama fatshe, a kenya hlooho pakeng tsa mangwele.


Ho tloha moo a ya thabeng ya Karamele, mme ha a tloha teng a kgutlela Samaria.


Naheng e abetsweng ba morabe wa Ashere ba abelwa Mashala le makgulo a yona, le Abadone le makgulo a yona,


Hlooho ya hao e phahame sa Thaba ya Karamele, moriri wa hao o benya sa lesela le perese, lenyetse la hao le hapile pelo ya kgosi.


Naha e omeletse, e ponne, Lebanone e swabile, e a pona, Sharone e fetohile lehwatata, Bashane le Karamele di hlohloreha mahaba.


Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona.


Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: Ka tshwele la kariki tsa ka, kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing.


“Ke a tiya, ke a hlapanya,” ho rialo Kgosi, Kgosi eo bitso la yona e leng Modimo wa mabotho; “E mong o tla tla sa Tabore hara dithaba, a tle sa Karamele e pela lewatle.


E be Maone, le Karamele, le Sife, le Juta,


Moedi wa bona o ne o akareleditse Helekate, le Hale, le Betene, le Akashafe,


O thinyetse ka nqa botjhabela, o lebe Bete-Dagone, o yo fihla Sebulone le Kgohlong ya Jifetahele, ka leboya ho Bete-Emeke le Neiele. O lopalle ho ya Kabule, ka ho le letshehadi.


Naheng ya morabe wa Ashere ba abelwa Mishale le makgulo a yona, le Abadone le makgulo a yona,


Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos