La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 19:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Karolo ya bobedi ya laolelwa Simeone, ke ho rea, leloko la bana ba Simeone ka matlo a bona; lefa la bona la eba hara lefa la bana ba Juda.

Ver Capítulo

BIBELE

Jwale ha tswa lotho la bobedi, la bana ba morabe wa Simeone, ho ya ka malapa abo bona. Naha ya bona e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.

Ver Capítulo



Joshua 19:1
10 Referencias Cruzadas  

Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.


Ba ya haha Beerseba, Molada, Hatsare-Shuale,


Moeding wa Benjamine, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Simeone.


Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure;


Tsela, Elefe le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeathe, le Kiryathe: ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ke leo lefa la Babenjamine ka matlo a bona.


Lefeng la bona ha eba Beerseba, Sheba, Molada;


Lefa la bana ba Simeone la arolwa karolong ya bana ba Juda; hobane karolo ya bana ba Juda e ne e ba sita; ebile ke moo bana ba Simeone ba abetsweng lefa la bona lefeng la bao.


ba leloko la Simeone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Levi ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Isakare ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;