o bone hoba phomolo e monate, le naha hoba ke e kgahlisang; yaba o sekamisetsa lehetla phahlong, a iketsa mofo ya ntshang lekgetho.
Joshua 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse mohla bana ba Iseraele ba leng matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba leleka ruri. BIBELE Yare ha bana ba Iseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba. Empa ha ba a ka ba ba leleka ho hang. |
o bone hoba phomolo e monate, le naha hoba ke e kgahlisang; yaba o sekamisetsa lehetla phahlong, a iketsa mofo ya ntshang lekgetho.
Ntwa ya nna ya ya halele ya ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Davida yena a nna a ya a tiya, ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola.
e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.
Empa ha ba ka ba leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba ahile le Baefraime, ba ba sebeletsa ba ntse ba ntsha lekgetho ho fihlela kajeno.
le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!
Eitse hobane Baiseraele ba iphe matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba lelekela ruri.
Sabulone yena ha a ka a leleka ba ahileng Kitrone, leha e le ba ahileng Nahalole; Bakanana ba nna ba aha le bona, ba mpa ba ba ntshetsa lekgetho.
Nefthali yena ha a ka a leleka ba ahileng Bethe-Shemeshe, leha e le ba ahileng Bethe-Anathe; a nna a aha le Bakanana ba ahileng naheng eo; ba ahileng Bethe-Shemeshe le Bethe-Anathe ba mpa ba mo ntshetsa lekgetho.
Kahoo, Baamore ba hanella Hare-Herese, le Ajalone, le Shaalbime; leha ho le jwalo, ba ntlo ya Josefa ba ba imela, ba ba ba ntshiswa lekgetho.