Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ntwa ya nna ya ya halele ya ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Davida yena a nna a ya a tiya, ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ntwa ya eba telele pakeng tsa ntlo ya Davida le ntlo ya Saule. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, empa ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola hoyahoile.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:1
26 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Tsatsing lona leo, ha lwanwa ntwa e tshabehang haholo; mme Abnere le banna ba Iseraele ba qhalwa ke bahlanka ba Davida.


Yaba Joabe o letsa terompeta, mme batho bohle ba hae ba ema, ba se ke ba hlola ba phallela Baiseraele, leha e le ho lwana.


O nnamoletse le mohla diphapang tsa setjhaba sa ka. O mpolokile hore ke be hlooho ya ditjhaba. Setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe, se a ntshebeletsa.


Ha ba ntlo ya Saule ba ntse ba lwana le ba ntlo ya Davida, Abnere a ipha matla tlung ya Saule.


Davida a nna a ya a hola, mme Jehova, Modimo wa makgotla, a nna a ba le yena.


Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame, tshiung tsohle tsa bona.


Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Asa le Baesha, morena wa Iseraele, tshiung tsohle tsa bona.


Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Asa le Baesha, morena wa Iseraele, tshiung tsohle tsa bona.


Mme Davida a nna a ya a hola, kahobane Jehova wa makgotla a nna a ba le yena.


Bara ba Davida, bao a ba tswaletsweng a le Hebrone ke bana: Wa letsibolo ke Amnone wa Akinoame wa Jisreele; wa bobedi ke Daniele wa Abigaile wa Karmele;


Hamane a phetela Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, tsohle tse mo hlahetseng. Ba bohlale ba hae, le mosadi wa hae Sereshe, ba re ho yena: Erekaha Mordekai eno eo o qadileng ho wa pela hae e le wa mofuta wa Bajuda, o ke ke wa mo fenya, empa ruri o tla wa pela hae.


Hobane Mordekai o ne a le moholo tlung ya morena, mme botumo ba hae bo ne bo se bo ile dinaheng tsohle; hobane efela monna eo, Mordekai, o ne a eya a ntse a hola.


Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.


Mme ha ekaba tseo o neng o di rue pele di bile nyenyane, tsa ho qetella di tla fetisisa haholo.


O nnamoletse le mohla diphaphang tsa setjhaba, wa mpea hlooho ya ditjhaba; setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe se a ntshebeletsa;


O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.


Ha ba ntse ba tsamaya, ba ekeletswa matla, ho fihlela ba itlhahisa pela Modimo Sione.


Hobane nama e na le ditakatso tse lwantshang Moya, mme le wona Moya o na le ditakatso tse lwantshang nama; mme ntho tseo di emellane ho lwantshana, hore le tle le se ke la etsa tseo le di ratang.


Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.


Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; a fuwa moqhaka, mme a tloha e le ya hlolang le ya tla hlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos