Bara ba Kalebe, mora Hure, letsibolo la Efrata, ke bana: ke Shobale ntata Kiryathe-Jearime,
Joshua 15:60 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, le Rabba: ke metse e mmedi le metsana ya yona. BIBELE E be Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, le Raba. Metse ena e ne e le mmedi, le metsana ya yona. |
Bara ba Kalebe, mora Hure, letsibolo la Efrata, ke bana: ke Shobale ntata Kiryathe-Jearime,
Moedi o seha ho tloha qhoweng ya thaba ho isa sedibeng sa metsi a Nefthoa, o fihle metseng ya thaba ya Efrone; o ntoo lebiswa Baala, e leng Kiryathe-Jearime.
Nqa bophirimela, moedi o ya pele, ebe o leba nqa borwa ho tloha thabeng e pela Bethe-Horone, nqa borwa o ye ho fella pela Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, motse wa bana ba Juda; ke moedi ka nqa bophirimela.
Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.
Ha ho le jwalo, ba romela manqosa ho ba ahileng Kiryathe-Jearime, ba re: Bafilesta ba busitse areka ya Jehova; theohang, le itatele yona.
Ebile banna ba Kiryathe-Jearime ba tla, ba lata areka ya Jehova, ba e isa tlung ya Abinadabe, e leralleng, mme ba kgetha Eleasare mora wa hae, hore a boloke areka ya Jehova.