A tswa, a futuhela Bafilesta, a heletsa lerako la Gathe, le lerako la Jabne, le lerako la Ashdode, mme a haha metse Ashdode le naheng ya Bafilesta.
Joshua 15:46 - Sesotho 1909/1961 (SO) ho tloha Ekrone ho isa lewatleng, naha yohle e pela Ashdode, le metsana ya yona; BIBELE Ho tloha Ekerone, ho ya fihla lewatleng, e be metse yohle, le metsana ya yona, e pela Ashedode. |
A tswa, a futuhela Bafilesta, a heletsa lerako la Gathe, le lerako la Jabne, le lerako la Ashdode, mme a haha metse Ashdode le naheng ya Bafilesta.
Ka selemo seo Tharthane a neng a futuhele Ashdode, mohla a rongwang ke Sargone, morena wa Assiria, a ba a patela Ashdode, a o hlola,
ke tla timetsa ba ahileng Ashdode le ya tshwereng lere la borena Ashkelone. Ke tla boela ke otlolle letsoho la ka hodima Ekrone, mme Bafilesta ba setseng ba tla fela: ho itswalo ke Morena Jehova.
Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.
Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona.
Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.
Empa letsoho la Jehova la eba boima hodima ba Ashdode; a senya, a otla ba Ashdode le ba mathoko a teng ka diso.