Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme a qhala Bafilesta, ho tloha Gibea, ho ya fihla Gesere.
Joshua 12:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) e mong, ke morena wa Eglone; e mong, ke morena wa Gesere; BIBELE le kgosi ya Egelone, le kgosi ya Gesere, |
Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme a qhala Bafilesta, ho tloha Gibea, ho ya fihla Gesere.
Bana ba bona ba fela ba kena, ba rua lefatshe; wa kokobetsa pela bona ba neng ba ahile lefatsheng leo, e leng Bakanana, mme wa ba neela matsohong a bona hammoho le marena a bona le ditjhaba tsa lefatshe, hore ba etse ka tsona kamoo ba ratang kateng.
Ba etsa jwalo, ba mo ntshetsa lehaheng marena ao a mahlano, e leng morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone.
Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:
Yaba Horame, morena wa Gesere, o tla ho tlatsa Lakishe; empa Joshua a mmolaya le batho ba hae, a se ke a mo siela motho le a mong.
Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba ntoo feta Lakishe, ba ya Eglone, ba emisa pela teng, mme ba o lwantsha.