Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:
Joshua 10:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba ntoo feta Lakishe, ba ya Eglone, ba emisa pela teng, mme ba o lwantsha. BIBELE Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lakishe, a ya Egelone, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela. |
Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:
Yaba Horame, morena wa Gesere, o tla ho tlatsa Lakishe; empa Joshua a mmolaya le batho ba hae, a se ke a mo siela motho le a mong.
Tsatsing lona leo, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo; ka lona letsatsi leo a timetsa batho bohle ba teng, jwalokaha a ne a entse Lakishe.