Jonase 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jehova a re: Na ke hantle ha o hloname na? BIBELE Empa Morena a mo araba, a re: “Na o etsa hantle ha o halefa?” |
Yaba Akabe o boela hae, a hloname, a halefile ke taba eo Nabothe wa Jisreele a mo arabileng ka yona, kamoo a itseng kateng: Nke ke ka o nea lefa la bontate. A robala diphateng tsa hae, a reteletsa sefahleho sa hae, a hana ho ja bohobe.
Empa bohale ba hao bo se ke ba o isa nyefolong, mme boholo ba tefo eo o ka e ntshang bo se ke ba o kgelosa.
Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.
Yaba Jonase o tswa motseng, a ya dula ka nqa botjhabela ho motse, a iketsetsa lephephe teng, a dula tlasa lona moriting, hore a tle a be a bone se tla hlahela motse.
Empa Modimo wa re ho Jonase: A o etsa hantle, ha o hlonamile ka baka la monyaku na? Yena a re: Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shweng.
Aarone o sa ya orosetswa ho ba tjhaba sa hae; hobane a ke ke a kena fatsheng leo ke le neang bana ba Iseraele, ka baka la hobane le kile la hanyetsa taelo ya ka metsing a Meriba.
Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?