Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.
Jonase 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) A rapela Jehova, a re: Jehova, hleka hase seo ke se buileng ke sa le naheng ya heso na? Ke ne ke re, a nke ke balehele Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hoba o Modimo o lereko, o mohau, o diehang ho halefa, o mosa haholo, o sa rateng ho otla. BIBELE Yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela, oho, Morena, na see hase seo ke ileng ka se bolela ke sa le haeso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka itlhahanela ho balehela Tarashishe. Ke tsebile hore o Modimo ya mosa, ya nang le kutlwelobohloko; o dieha ho halefa, o tletse mohau, o dieha ho otla. |
Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.
Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,
Empa wena, Morena, o Modimo o lereko, o molemo, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete.
ha setjhaba sena ke se boletseng se sokoloha bokgopong ba sona, le nna ke tla kgutla bobeng boo ke neng ke hopotse ho bo etsetsa sona.
Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.
Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.
Ha le ka boela la aha lefatsheng lena, ke tla le ahisa, mme nke ke ka le timetsa; ke tla le hloma, mme nke ke ka le epolla, hobane ke kgutlile bobeng boo ke le etseditseng bona.
Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.
Eitse ha Modimo o bona ho etsa ha bona, kamoo ba sokolohang metsamaong ya bona e mebe kateng, Modimo le wona wa kgutla bobeng boo o neng o itse o tla bo etsa ho bona, mme ha o a ka wa bo etsa.
Ho tseba mang? Mohlomong Modimo o tla re utlwa, o kgutle, o kgutle bohaleng ba kgalefo ya wona, re se ke ra timela.
Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.
Hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o mohau; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o timetsa, mme a ke ke a lebala selekane sa bontatao, seo a ba hlapanyeditseng sona.