Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.
Modimo wa romela lengeloi Jerusalema ho timetsa batho ba teng; la re le sa ntsane le bolaya, Jehova a bona, a swaba ke tshenyeho eo, mme a re ho lengeloi le bolayang: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Ornane Mojebuse.
Ana Esekiase, morena wa Juda, le Juda kaofela, ba kile ba mmolaya na? Na ha a ka a tshaba Jehova, a ikwahlaya pela Jehova, Jehova a ba a bakela bobe boo a neng a bo boletse bakeng sa bona na? Haele rona, re be re tla etsetsa meya ya rona bobe bo bokakang!
Ha le ka boela la aha lefatsheng lena, ke tla le ahisa, mme nke ke ka le timetsa; ke tla le hloma, mme nke ke ka le epolla, hobane ke kgutlile bobeng boo ke le etseditseng bona.
Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.
Ke ena pono eo a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona Morena Jehova a eme hodima lerako le hahilweng ka ho lekanngwa ka sekitiloto, a tshwere sekitiloto letsohong la hae.
Eitse ha Modimo o bona ho etsa ha bona, kamoo ba sokolohang metsamaong ya bona e mebe kateng, Modimo le wona wa kgutla bobeng boo o neng o itse o tla bo etsa ho bona, mme ha o a ka wa bo etsa.
A rapela Jehova, a re: Jehova, hleka hase seo ke se buileng ke sa le naheng ya heso na? Ke ne ke re, a nke ke balehele Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hoba o Modimo o lereko, o mohau, o diehang ho halefa, o mosa haholo, o sa rateng ho otla.
Enere Jehova ha a ba hlahisetsa baahlodi, Jehova o ne a emela moahlodi, a ba namolela matsohong a dira tsa bona ka ditshiu tsohle tsa moahlodi eo; hobane Jehova o ne a ntse a fetoha ke ho utlwa dillo tsa bona ha ba lliswa ke ba ba hlorisang, ba ba tshwenyang.