La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jonase 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ho tseba mang? Mohlomong Modimo o tla re utlwa, o kgutle, o kgutle bohaleng ba kgalefo ya wona, re se ke ra timela.

Ver Capítulo

BIBELE

Ho ka tseba mang haeba Modimo a ka nna a hauha, a kgutla kgalefong ya hae e tukang, e le hore re se ke ra timela?”

Ver Capítulo



Jonase 3:9
14 Referencias Cruzadas  

A re: Ngwana ha a ne a sa phela, ke ile ka itima dijo, ka ba ka lla, ka re: Ho tseba mang? Ekaba Jehova o tla nkgauhela ka ho pholosa ngwana!


a nna a elellwa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau wa hae o moholo,


O kgutsisitse bohale bohle ba hao, o timile mollo wa kgalefo ya hao.


Kgutla, Jehova! o tla isa kae ...? o hauhele bahlanka ba hao!


Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.


Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.


Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.


Yaba ba nka Jonase, ba mo lahlela lewatleng, mme lewatle la lesa ho halefa.


Jwale, monga sekepe a mo atamela, a re ho yena: O robaletseng? Tsoha, o rapele Modimo wa hao! Ekaba Modimo o tla re hopola, re se ke ra timela.


A rapela Jehova, a re: Jehova, hleka hase seo ke se buileng ke sa le naheng ya heso na? Ke ne ke re, a nke ke balehele Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hoba o Modimo o lereko, o mohau, o diehang ho halefa, o mosa haholo, o sa rateng ho otla.


Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatshe, ba etsang ka taelo ya hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tshoha le patwa tsatsing la bohale ba Jehova.


Le etse ditshwantsho tsa diso tsa lona, le ditshwantsho tsa ditweba tsa lona tse senyang naha. Ke hona le tla hlompha Modimo wa Iseraele; ekaba o tla tlosa letsoho la wona ho lona, le ho medimo ya lona, le ho lefatshe la lona.