Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 batho le diphoofolo di mpe di apare masela a mahwashe, batho ba ke ba howeletse ka matla ho Modimo, mme e mong le e mong a furalle metsamao ya hae e mebe le bokgopo bo matsohong a hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Empa motho a apare tse mahwashe, esita le yona phoofolo. Motho e mong le e mong a ipiletse ka matla ho Modimo, a furalle metsamao ya hae e kgopo le diketso tsa hae tsa dikgoka.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 3:8
23 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ha ke pate letho le sa lokang letsohong la ka, thapelo ya ka e hlwekile.


ke moo o thibollang ditsebe tsa bona hore di mamele tayo, mme o ba laelang ho tela bobe.


Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?


Bolepo ba bona bo ke ke ba etswa diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka mesebetsi ya bona, hobane mesebetsi ya bona ke mesebetsi ya bolotsana; kgalefo le tshenyo di matsohong a bona.


Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.


Ba ne ba re ho lona: Sokolohang hle e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, le bolotsaneng ba diketso tsa lona, le tle le ikahele lefatsheng leo Jehova a le neileng lona le bontata lona kamehla le ka ho sa feleng;


Ekaba ba tla utlwa, ba bake e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, ke tle ke be ke bakele bobe boo nna ke hopotseng ho ba hlahisetsa bona ka baka la bolotsana ba diketso tsa bona.


Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.


Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.


Yaba ba howeletsa ho Jehova, ba re: Oho Jehova, oho, o se ke wa re timetsa ka baka la bophelo ba monna enwa, o se ke wa re jarisa madi a se nang molato, hobane wena Jehova, o entse kamoo o ithatetseng kateng.


Jwale, monga sekepe a mo atamela, a re ho yena: O robaletseng? Tsoha, o rapele Modimo wa hao! Ekaba Modimo o tla re hopola, re se ke ra timela.


Ha ho le jwalo he, behang ditholwana tse tshwanelang pako.


empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.


Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos