Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.
Jonase 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jonase a qala ho kena motseng, a etsa leeto la letsatsi le le leng, a ntse a howa, a re: Kamora matsatsi a mashome a mane, Ninive o tla timetswa. BIBELE Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!” |
Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.
Ke tla eketsa le tshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano, ke o namolele wena le motse ona matsohong a morena wa Assiria, ke sireletse motse ona ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.
Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!
Ha le ka boela la aha lefatsheng lena, ke tla le ahisa, mme nke ke ka le timetsa; ke tla le hloma, mme nke ke ka le epolla, hobane ke kgutlile bobeng boo ke le etseditseng bona.
Eitse ha Modimo o bona ho etsa ha bona, kamoo ba sokolohang metsamaong ya bona e mebe kateng, Modimo le wona wa kgutla bobeng boo o neng o itse o tla bo etsa ho bona, mme ha o a ka wa bo etsa.
Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ba o tswe, hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase; kanthe e moholo ho Jonase o teng mona.
Hobane jwalokaha Jonase e bile mohlolo ho ba Ninive, Mora motho le yena o tla ba jwalo, ho moloko wona.
Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, mme ba tla o tswa; hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase, mme bonang, e moholo ho Jonase o teng mona.
ke re: Etlare moporofeta eo, ha a bolela taba ka lebitso la Jehova, mme taba e boletsweng ke yena e sa hlahe, e sa etsahale etlaba ke taba eo Jehova a sa kang a e bolela; moporofeta eo o e boletse ka boikgohomoso; se mo tshabe.