Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba batho ba Ninive ba dumela Modimo, ba bea letsatsi la ho itima dijo, ba apara bohle masela a mahwashe, ho qala ka e moholo wa bona ho isa ho e monyenyane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Batho ba Ninife ba dumela molaetsa wa Modimo. Ba laela hore ho itingwe dijo, mme bohle ba baholo le ba banyenyane ba apara tse mahwashe.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 3:5
21 Referencias Cruzadas  

Eitse morena Esekiase ha a utlwa, a hahola diaparo tsa hae, a ikapesa ka lesela le mahwashe, a kena tlung ya Jehova.


Josafate a tshoha, a hla a batla Jehova, mme a tsebisa Bajuda bohle hore ba itime dijo.


Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.


Eitse ha Mordekai a tseba tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe le molora, mme a tswela hara motse, a ntse a howa ka mehoo e phahameng, e bohloko.


Ka mokgwa oo, bana ba Iseraele ba rola dikgabiso tsa bona ho tloha thabeng ya Horebe.


Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.


Selemong sa bohlano sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ha bolelwa tsatsi la ho itima dijo pela Jehova, la setjhaba kaofela sa Jerusalema le setjhaba kaofela se tswang metseng ya Juda ho tla Jerusalema.


Yaba balaodi kaofela ba makgotla, ba ena le Johanane, mora Karea, le Jesania, mora Hosea, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le ba baholo, ba atamela,


Yaba o bitsa Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla ba neng ba le ho yena, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le baholo;


Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.


Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.


Mme ha tsebiswa, ha tumiswa kahohle Ninive, ka taelo ya morena le ya matona a hae, ha thwe: Ho se ke ha eba letho, kapa motho, leha e le phoofolo, kapa dikgomo, leha e le dinku, tse ka jang letho; di se ke tsa fula, di se ke tsa enwa metsi;


Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ba o tswe, hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase; kanthe e moholo ho Jonase o teng mona.


Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, mme ba tla o tswa; hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase, mme bonang, e moholo ho Jonase o teng mona.


Banna, betang dipelo ke hona; hobane ke fela ke kgolwa hoba Modimo o tla etsa kamoo o mpoleletseng kateng.


Ba ne ba mo mamela kaofela, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: Enwa ke matla a Modimo, a bitswang a maholo.


Jwale, tumelo ke tshepiso e tiileng ya dintho tse lebeletsweng, ke pontsho e kgodisang ya tse sa bonweng.


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos