Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Le yena morena wa Ninive, ha taba tseo di fihla ho yena, a tloha teroneng ya hae, a hlobola kobo ya hae, a apara lesela le mahwashe, a dula moloreng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha molaetsa o fihla ho kgosi ya Ninife, ya raoha teroneng ya yona, ya hlobola seaparo sa yona sa bokgosi, ya apara tse mahwashe, mme ya dula moloreng.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 3:6
20 Referencias Cruzadas  

Akabe, ha a utlwa taba tseo, a hahola diaparo tsa hae, a itlama mmele ka lesela le mahwashe, a itima dijo, a robala ka lesela le mahwashe, a nanya butle.


A nka lengeta ho ikgwabitla ka lona, a ntse a dutse thotobolong.


Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.


Mapatlelong ho ikapesitswe ka masela a mahwashe; hodima matlo le diterateng ke dillo le diboko feela.


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


Yaba Mikea o ba tsebisa mantswe wohle ao a utlwileng Baruke a a bala lengolong, ditsebeng tsa setjhaba.


Mme morena le bahlanka ba hae kaofela ha ba ka ba tshoha, ha ba ka ba hahola diaparo tsa bona, ha ba utlwa mantswe ao kaofela.


Moradi wa setjhaba sa ka, o itlame ka lesela le mahwashe, o pitike moloreng; o itelele jwalokaha ho llelwa ya tswetsweng a nnotshi, ka dillo tse bohlokohloko, hobane mosenyi o ya re tlela ka sehloho.


Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.


a ke a bee molomo wa hae leroleng ka ho re: Mohlomong tshepo e teng!


Marena wohle a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona; a tla hlobola dikobo tsa wona, a lahle diaparo tsa wona tse homilweng; a tla apara tshoho, a dule fatshe a ntse a sisimoha, a maketse ke wena.


Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.


Taba eo le se ke la e tumisa Gathe; le ho lla, le se ke la lla! Bethe-Leafra (ntlo ya lerole) ke itshela ka lerole!


Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.


Ho madimabe wena, Korasine! Ho madimabe wena, Bethsaida! Hobane mehlolo e entsweng hara lona, hoja ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka ba e bakile kgale ka masela a mahwashe le ka molora.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos