Eitse ha a le tsietsing, a rapela Jehova, Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo pela Modimo wa bontatae.
Jonase 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) a re: Ha ke ne ke le mahlomoleng, ka bitsa ho Jehova, mme a nkutlwa; ke le mpeng ya nqalo ya bafu, ka howeletsa, mme wa utlwa lentswe la ka. BIBELE a re: “Mahlomoleng a ka ka ipiletsa ho Morena, ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba. Ka kopa thuso ke le botebong ba Nqalo ya Bafu, mme wa utlwa lentswe la ka. |
Eitse ha a le tsietsing, a rapela Jehova, Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo pela Modimo wa bontatae.
Ditlamo tsa lefu di na be di nthatetse, ke na be ke tshwerwe ke matswalo a nqalo ya bafu, ka fumana matswalo le hlokofalo.
hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu, o ke ke wa dumela hoba mokgethwa wa hao a bone ho bola.
Hobane ha a ka a nyedisa, ha a ka a kgesa bohlomohi ba ya hlomohileng, ha a ka a mo patela sefahleho sa hae; empa a nna a mamela mehoo eo a neng a e phahamisetsa ho yena.
Ha ke bitsa, o nkarabe, wena Modimo wa ho loka ha ka! Ha ke le matswalong, o a ntokolla! Nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.
Ke howeletsa ho wena ka pelo e tepeletseng, ke le pheletsong ya lefatshe. O nnyolosetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa!
Hobane mohau wa hao o moholo ka nqa ho nna, mme o nyolotse moya wa ka tlasetlase nqalong ya bafu.
Le katlase, nqalo ya bafu e fudueha bakeng sa hao, ho o kgahlanyetsa ha o fihla; e tsositswe diriti ka baka la hao, e leng tsa bohle ba matla ba lefatshe, le marena kaofela a ditjhaba e a raositse teroneng tsa wona.
ke tla o lahlela hammoho le ba theohelang sehokong, ho ditjhaba tsa kgale, ke o ahise lefatsheng le tebileng, masuping a sa feleng, hammoho le ba theohetseng sehokong, hore o tle o se ke wa hlola o ahuwa: athe ke tla bea kganya lefatsheng la ba utlwang.
e le hore difate tsohle tse hlomilweng pela metsi di se ke tsa ikgohomosa ka boholo ba tsona, di se ke tsa bonahatsa dintlha tsa tsona hara maru, mme difate tsohle tse nwang metsi di se ke tsa tiisetsa boikakasong ba tsona; etswe tsohle e le tse neetsweng lefu, hore di theohele lefatsheng le katlase, baneng ba batho, hammoho le ba theohelang sehokong.
Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa, mme ya batlang o a fumana, mme ho tla bulelwa ya kokotang.
Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.
Hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu; mokgethwa wa hao o ke ke wa mo lesa hore a bone ho bola.
Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,
O se ke wa hloma eka lekgabunyane la hao ke moradi wa Beliale; athe ho fihlela la kajeno, ke ntse ke buiswa ke boholo ba tsietsi ya ka le ba bohloko ba ka.
Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.