Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo.
Jonase 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o laela hlapi, ya hlatsetsa Jonase lebopong. BIBELE Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle. |
Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo.
Yaba Modimo o re: Masedi ha a be teng sebakeng sa mahodimo, ho arohanya motshehare ho bosiu, e be dipontsho tsa dinako tse beilweng, le tsa matsatsi, le tsa dilemo,
Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo.
Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo.
Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng.
Jehova o rata ho mpoloka; ka baka leo, re tla tidinya dikgole tsa diharepa tsa rona ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, ka tlung ya Jehova.
Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.
Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna.
Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.
Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.