Jehova Modimo a bolella mosadi, a re: Na keng eo o e entseng? Mosadi a re: Noha e nthetsitse, mme ke jele.
Jonase 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba banna bao ba tshoha haholo, ba re ho yena: O etseditseng jwalo? Hobane banna bao ba ne ba tseba hore o balehile pela Jehova, etswe a ne a ba boleletse. BIBELE Banna bao ba tshoha haholo, ba mmotsa, ba re: “O entseng?” Ba ne ba tseba hore a baleha Morena, hobane o ne a se a ba boleletse. |
Jehova Modimo a bolella mosadi, a re: Na keng eo o e entseng? Mosadi a re: Noha e nthetsitse, mme ke jele.
Joabe a re ho morena: Jehova, Modimo wa hao, a ke a atise setjhaba, se ke se fete boholo ba sona ba jwale halekgolo, mahlo a morena, monga ka, a be a bone; empa morena, monga ka, o lakaletsang ntho eo?
hobane Modimo o mo phosa, o sa mo hauhele; o tswatswile a leka ho pshemoha matsohong a wona;
Ba re ho yena: Re tla o etsa jwang, hore lewatle le tle le re kgutsetse? Hobane lewatle le ne le ntse le eketsa ho halefa.
Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.
Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.