Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Joshua a re: “Ke ka baka lang o re tshwentseng tjee? Le wena, kajeno lena, Morena o tla o tshwenya.” Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe; ba tlepetsa le ba lelapa la hae ka majwe, ba ba tjhesa ka mollo.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:25
23 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi: Le ntsieditse ka ho nketsa sebodu ho baahi ba naha, ho Bakanana le ho Bafarese, kanthe batho ba ka ha ba bakae, mme jwale ba tla mpokanela, ba mpolaye, mme ke tla timetswa nna le ntlo ya ka.


Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!


Mora wa Karmi ke Akare, moferekanyi wa Iseraele ya kileng a tlola molao wa ntho tse neetsweng anathema.


Ke yona taba ya bohle ba ineelang leruo, hobane le ja bophelo ba monga lona.


Ya ineelang leruo le sa lokang o sotofatsa ntlo ya hae; haele ya hloileng dimpho tse hokang, o tla phela.


Ekare ha e mong a inkela mosadi le mmae ho ba etsa basadi, ke sebe se tshabehang: ba tla tjheswa mollong, yena le bona, hore sebe sena se se ke sa eba teng hara lona.


E re ho bana ba Iseraele: Leha e ka ba mang ho bana ba Iseraele, le ho baditjhaba ba aheletseng hara Iseraele, ya tlang ho ntshetsa Moloke e mong wa bana ba hae, o tla bolawa: baahi ba naha ba tla mo tlepetsa ka majwe.


Ekare ha moradi wa moprista a itlhompholla ka ho iketsa seotswa, o hlompholla ntatae; o tla tjheswa mollong.


Ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo; bohle ba mo utlwileng ba bee matsoho a bona hloohong ya hae, mme a tlepetswe ke phutheho yohle.


Hojane ba le ferekanyang ba ka ikgaola le hona.


O mo tlapunye ka majwe, a shwe; kahobane a ratile ho o tlosa ho Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka.


Baiseraele bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ho ke ke ha hlola ho etswa bobe bo bokalo ha eno.


ntsha monna eo, kapa mosadi eo, ya entseng taba eo e mpe, o mo ise dikgorong tsa hao; mme kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, o tle o mo tlepetse ka majwe, a shwe.


Jwale batho bohle ba motse wa habo ba tla mo tlapunya ka majwe, a shwe. Tlosa bobe haeno jwalo, hore Baiseraele bohle ba utlwe, mme ba tshabe.


Hobane efela ho lokile hoba Modimo o busetse matshweneyeho ho ba le tshwenyang,


Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.


Haele lona, le fele le tshabe dintho tse entsweng anathema, esere mohlomong la nka ntho tse entsweng anathema, la etsa diahelo tsa Iseraele anathema, mme la di senya.


Ya tshwarwang a ena le ntho e entsweng anathema, o tla tjheswa, yena le tsohle tsa hae, kahobane a tlotse selekane sa Jehova, mme a entse manyala Iseraeleng.


Yaba Jonathane o re: Ntate o tsieditse setjhaba; a le ke le boneng hobane mahlo a ka a edile, ke hobane ke latswitse dinotshi tsena hanyenyane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos