Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba tshwara Akane, mora Sera, le silefera, le seaparo, le leleme la kgauta, le bara ba hae, le baradi ba hae, le kgomo tsa hae, le diesele tsa hae, le dinku tsa hae, le tente ya hae, le tsohle tse ding tsa hae; ba ba nyolosetsa sekgutlong sa Akore.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Jwale bo-Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane, mora wa Sera, le silefera, le seaparo, le setene sa kgauta, le bara ba hae, le baradi ba hae, le dikgomo tsa hae, le ditonki tsa hae, le dinku tsa hae, le tente ya hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona; ba di isa ka kgohlong ya Akore.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:24
18 Referencias Cruzadas  

Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?


O metsitse menono, mme jwale o tshwanetse ho e hlatsa; Modimo o ya e ntsha mpeng ya hae.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Ya ineelang leruo le sa lokang o sotofatsa ntlo ya hae; haele ya hloileng dimpho tse hokang, o tla phela.


Ho na le kotsi e bohloko eo ke e boneng tlasa letsatsi: ke leruo le sotofatsang monga lona ya le bokeletseng;


Lehwatata la Sharone e tla ba meraka ya manku, kgohlo ya Akore e be makgulo a makgomo a setjhaba sa ka se mpatlileng.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Moedi o nyolosetsa le Debire, ho tloha sekgutlong sa Akore; nqa leboya o lebile Gilgale o pela moepa wa Adummime, o nqa borwa ho noka; moedi o fetela pele ho fihla metsing a Ene-Shemeshe, o ye o felle Ene-Rogele.


Hleka Akane, mora Sera, ha a ka a tlola molao wa tse entsweng anathema, mme phutheho kaofela ya Iseraele ya halefelwa na? Hape, le motho eo ha a ka a timela a nnotshi bokgopong ba hae.


Haele lona, le fele le tshabe dintho tse entsweng anathema, esere mohlomong la nka ntho tse entsweng anathema, la etsa diahelo tsa Iseraele anathema, mme la di senya.


Ba etsa ntho tsohle tse motseng anathema, banna le basadi, bana le maqheku, le makgomo, le manku, le diesele; ba di timetsa ka bohale ba lerumo.


Bana ba Iseraele ba tlola molao wa ntho tse entsweng anathema. Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a nka tsa tse entsweng anathema; mme Jehova a halefela bana ba Iseraele ke hona.


Ba di ntsha tenteng, ba di tlisetsa Joshua le bana bohle ba Iseraele, mme ba di bea pela Jehova.


Ba etsa sefika se seholo sa majwe hodima hae; se sa le teng le kajeno. Yaba Jehova o bohla bohaleng ba ho halefa ha hae. Ka baka lena, bitso la teng la bitswa sekgutlo sa Akore (pherekanyo) ho fihlela kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos