Hobane ka lekgetlo lena ke tla romela dikotsi tsa ka tsohle pelong ya hao, le hodima bahlanka ba hao, le hodima setjhaba sa hao, hore o tle o tsebe hobane ha ho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.
Na le tla etsa jwang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se etswa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, le bee letlotlo la lona kae?
ke thulanye e mong le wa habo, banna le bara hammoho, ho bolela Jehova. Nke ke ka ba le mohau, leha e le ho qenehela, leha e le ho hauhela hore ke se ba timetse.
Nna, Jehova, ke boletse; taba tseo di a tla, ke tla di etsa le hona; nke ke ka latola molato, leha e le ho qenehela, mme nke ke ka sutha. O tla ahlolwa ka metsamao ya hao le ka diketso tsa hao: ho rialo Morena Jehova.
Ke hona Morena Jehova a reng: Ka nna ya phelang, erekaha o silafaditse sehalalelo sa ka ka tsohle tsa hao tseo ke di ilang le ka manyala wohle a hao, le nna ke tla o kgaola, leihlo la ka le sa o qenehele, ke sa o hauhele le hanyenyane.
Yaba banna bao ba tshoha haholo, ba re ho yena: O etseditseng jwalo? Hobane banna bao ba ne ba tseba hore o balehile pela Jehova, etswe a ne a ba boleletse.
Jehova o tla hana ho mo tshwarela; empa kgalefo ya Jehova le poulelo ya hae di tla tukela motho eo; dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena di tla mo wela hodimo; mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo.
Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.
Leha motho a ka tsoha ho o hlorisa le ho o bolaya, moya wa monghadi o tla phuthelwa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Modimo wa hao. Haele bophelo ba dira tsa hao, bo tla lahlelwa hole, ka mokgwa o kang wa tswibila.