Leloko le leng a le ke le bolelle leloko le hlahlamang mesebetsi ya hao, le tumise diketso tsa hao tse phahameng!
Joele 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le e bolelle bara ba lona, bara ba lona ba e bolelle bara ba bona, le bara ba bona ba e bolelle moloko o tlang. BIBELE Lona le e phetele bana ba lona; bona ba e phetele ditloholo tsa lona; tsona di e phetele ditloholwana tsa lona. |
Leloko le leng a le ke le bolelle leloko le hlahlamang mesebetsi ya hao, le tumise diketso tsa hao tse phahameng!
Modimo, re utlwile ka ditsebe tsa rona, bontata rona ba re boleletse diketso tse phahameng tseo o di entseng mehleng ya bona, mehleng ya boholoholo.
Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.
Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.
Empa ba phelang, ba phelang, ke bona ba o bokang, jwalokaha ke etsa kajeno; ntata motho o tla phetela bana ba hae tsa botshepehi ba hao!
O tle o di rute bana ba hao, mme o bue ka tsona, ha o dutse tlung ya hao, leha o le tseleng o tsamaya, leha o ya robala, leha o tsoha.