La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joele 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Makgomo a fehelwa hakakang! Mehlape ya dikgomo e a hlanya, hobane ha e sa na makgulo; le yona mehlape ya dinku e utlwa bohloko.

Ver Capítulo

BIBELE

Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema.

Ver Capítulo



Joele 1:18
10 Referencias Cruzadas  

Akabe a re ho Obadia: Eya le naha didibeng tsohle tsa metsi le melatswaneng yohle; mohla ope re ka fumana jwang, re pholose dipere le diesele, esere ra timellwa ke diphoofolo tsohle.


Morena Salomone le phutheho yohle ya Iseraele, e leng ba memilweng ho tla ho yena, ba ema pela areka; ba hlabaka dinku le dikgomo tse ke keng tsa bolelwa, tse se nang ho balwa ka baka le bongata ba tsona.


Lefatshe le tla nne le lle ho le hokae, jwang ba dinaha tsohle bo omelle ho isa kae na? Ka baka la bolotsana ba baahi ba lona, diphoofolo le dinonyana di timetse, hobane ba re: A ke ke a bona bofello ba rona.


Ka baka leo, lefatshe le a lla, le batho ba ahileng ho lona ba tepeletse, le tsona diphoofolo tsa naha le dinonyana tsa lehodimo; esita le dihlapi tsa lewatle di a timela.


Esita le diphoofolo tsa naha di lla ho wena, hobane dinoka tsa metsi di pshele, mme mollo o tjhesitse meraka ya lehwatata.


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.


Ke ka baka leo, lehodimo le hanneng le phoka hodima lona, mme lefatshe le hanneng le ho beha ha lona,


Hobane re a tseba hore tse bopilweng tsohle di ntse di fehelwa, di bile di tsietsing hammoho, ho fihlela jwale.