Davida a re ho Modimo: Na hase nna ke laetseng hore ho balwe setjhaba na? Ke nna ke sitilweng, ke nna ke entseng bobe; dinku tseo tsona di entseng na? Jehova, Modimo wa ka, tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate, mme le se ke la nna la kenya lefu setjhabeng sa hao!
Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena. Yaba Satane o tloha pela Jehova.
Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.
Mora wa mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Jehova, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shelomithe, moradi wa Dibri, wa leloko la Dane.
Jwale ka utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; hobane moqosi wa banababo rona, ya neng a ba qosa pela sefahleho sa Modimo motshehare le bosiu, o dihetswe.