A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.
Jeremia 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) E mong le e mong a ke a itebele motswalleng wa hae, le se ke la tshepa le a mong wa habo lona, hobane e mong le e mong wa habo motho o ye a kgohlise, motswalle ka mong o ye a etselletse; BIBELE “Motho ka mong a hlokomele motswalle wa hae, ngwaneno le yena o se ke wa mo tshepa, hoba ngwanabo motho ka mong ke mokgohlisi, motswalle ka mong ke moetseletsi. |
A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.
Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.
Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.
Ho na le ntho tse tsheletseng tse hloilweng ke Jehova; nka re, di supile tseo e leng manyala ho yena:
ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ya jalang diphapang bathong ba mofuta o le mong.
e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.
Hobane haele ba heno le ba ntlo ya ntatao, ba o eka, mme le bona ba o purumela. Ha be ena le dipolelo tse monate le wena, o se ke wa ba dumela.
Ke bakwenehi le baikgantshi kaofela, ba ntse ba eya ba etselletsa; ke koporo le tshepe; ke ba bolotsana kaofela.
Maleme a bona ke motsu o bolayang, ba bolela bohata, ka molomo wa hae e mong a bolelle wa habo kgotso, empa matshwafong a hae a mo tjhehe ka sefi.
Ha hao, ho na le batho ba etselletsang, hore ho tle ho tshollwe madi; ha hao, ho jelwa dithabeng; ha hao, ho etswa bohlola.
O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.
Ha ke re, rona kaofela re tswetswe ke motho a le mong? Na ha re a bopjwa ke Modimo o le mong na? Re etsetsana keng he ka bolotsana e mong le e mong le ngwanabo, re hlompholla keng selekane sa bontata rona?
Mme le tsohele batho masene; hobane ba tla le isa kgotla, ba le shape masinagogeng a bona.
Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.
Le tla ekwa le ke batswadi ba lona, le ke banababo lona, le bahabo lona, le metswalle ya lona; ba tla bolaya ba bang ho lona;
Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.