Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 19:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 “ ‘O se ke wa tsamaisa leshano hara setjhaba sa heno; o se ke wa tshabella mohaeno ha a bolawa. Ke nna Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:16
24 Referencias Cruzadas  

Ya ekang motswalle wa hae, mahlo a bana ba hae o tla a bona a timilwe.


Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.


Leleme la hae ha le jale ketselletso, ha a etse wa habo hampe, ha a nyefole ngwanabo.


ere moo o dutseng, o nyefole ngwaneno, o etselletse ngwana mmao.


O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano.


O se ke wa tsamaisa taba ya leshano. O se ke wa emela e mobe, hore o be paki ya bohata bo etswang ke yena.


Balehela kahlolo e leshano, mme o se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane nke ke ka etsetsa e mobe jwaloka hoja a lokile.


Ya patang hloyo o na le molomo o mano, empa ya hasang disebo ke lehlanya.


Ya tjhakelang ho qoqa o phunya makunutu; empa ya pelo e tshepehang o boloka taba.


Mosebi ya tsamayang a seba, o phunya makunutu; ha ho le jwalo, tshaba ho tlwaelana le ya ntseng a ahlamisa melomo ya hae.


Ke bakwenehi le baikgantshi kaofela, ba ntse ba eya ba etselletsa; ke koporo le tshepe; ke ba bolotsana kaofela.


E mong le e mong a ke a itebele motswalleng wa hae, le se ke la tshepa le a mong wa habo lona, hobane e mong le e mong wa habo motho o ye a kgohlise, motswalle ka mong o ye a etselletse;


Ha hao, ho na le batho ba etselletsang, hore ho tle ho tshollwe madi; ha hao, ho jelwa dithabeng; ha hao, ho etswa bohlola.


a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.


Ho rohakwe ya amohelang moputso ho bolaya motho ya se nang molato! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Le bona basadi ba bona e be batho ba bokgabane, e seng baetselletsi, ba be le phadimeho le ho tshepeha nthong tsohle.


e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo;


Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,


Jwale, le ke le lahle lonya lohle, le thetso yohle, le boiketsiso, le mohono, le diketselletso tshohle;


Bona, kajeno lena mahlo a hao a bone kamoo Jehova a neng a o neetse matsohong a ka kateng, re le lehaheng; ba bang ba itse, ke o bolaye; ka mpa ka o qenehela, ka re: Nke ke ka isa letsoho la ka ho monga ka, hobane ke motlotsuwa wa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos