Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 6:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ke bakwenehi le baikgantshi kaofela, ba ntse ba eya ba etselletsa; ke koporo le tshepe; ke ba bolotsana kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Ke tjhaba sa bakwenehi, tjhaba se manganga, se tsamayang ka ho hafotsaka bohata; ke tjhaba se tshwanang le lethose le tshepe, kaofela ha sona ke tjhaba sa balotsana.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:28
19 Referencias Cruzadas  

Lehlanya le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo. Ba bodile, mesebetsi ya bona e manyala; ha ho ya etsang hantle.


ere moo o dutseng, o nyefole ngwaneno, o etselletse ngwana mmao.


Ya patang hloyo o na le molomo o mano, empa ya hasang disebo ke lehlanya.


Sokolohelang ho yena eo le mo furaletseng hakalo, lona bana ba Iseraele!


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.


Empa setjhaba seo se na le pelo e hanyetsang, e ikgantshang; ba kwenehile, mme ba ile.


Ba tla bitswa silefera e kgesitsweng, hobane Jehova o ba kgesitse.


O ba bolelle, o re: Sena ke setjhaba se sa utlweng lentswe la Jehova, Modimo wa sona, mme ha se amohele tayo; nnete e fedile, e kgaoletswe melomong ya bona.


Ba kobile maleme a bona jwaloka seqha, ho betsa leshano; hase ka bokgabane ba natlafalang lefatsheng, hobane ereha ba etswa bobeng bo bong, ba ye ba tlolele bobeng bo bong; mme ha ba ntsebe, ho bolela Jehova.


E mong le e mong a ke a itebele motswalleng wa hae, le se ke la tshepa le a mong wa habo lona, hobane e mong le e mong wa habo motho o ye a kgohlise, motswalle ka mong o ye a etselletse;


O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.


Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.


Ekare ha letheba leo le boela le hlaha, mme le thopohela leboteng la ntlo, ha ho se ho qhebolotswe majwe, mme ha ho hopilwe lebota la ntlo ho bile ho batehilwe;


O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.


Ditjhaba di ne di halefile, mme bohale ba hao bo hlahile, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho ntsha moputso wa bahlanka ba hao ba baporofeta le wa bahalaledi le wa ba tshabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le ya ho senya ba senyang lefatshe.


hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos