Empa ha le ka mphuralla, la lahla dikomelo tsa ka le ditaelo tsa ka tseo ke le beetseng tsona, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela,
Jeremia 9:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho itswe ke Jehova: Erekaha ba lahlile molao wa ka oo ke neng ke o beile pela bona, ba sa ka ba utlwa lentswe la ka, ba sa ka ba tsamaya ka lona; BIBELE Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka. |
Empa ha le ka mphuralla, la lahla dikomelo tsa ka le ditaelo tsa ka tseo ke le beetseng tsona, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela,
Setjhaba sena se kgopo se hanang ho utlwa lentswe la ka, se tsamayang ka ditakatso tsa pelo ya sona, se latelang medimo ya ditjhaba ho e sebeletsa le ho e kgumamela, se tla ba jwaloka senyepa sena se se nang thuso;
Mme ho tla thwe: Ke hobane ba hlile ba lebetse selekane sa Jehova, Modimo wa bona, ba kgumametse medimo esele, ba e sebeleditse.
Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.
Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba sataladitse melala, ba entse hampe ho fetisa bontata bona.